Version
Download 70
File Size 42.67 KB
File Count 1
Create Date July 23, 2021
Last Updated July 23, 2021
Download
or download free
[free_download_btn]

Description

 LESOTHO ELECTRICITY COMPANY (PTY) LTD

 

TSEBISO E POTLAKILENG!               TSEBISO E POTLAKILENG!  

 PHETOHO EA TŠEBETSO KA LEBAKA LA SEOA SA COVID-19

Botsamaisi ba Lesotho Electricity Company (Pty) Ltd bo tsebisa basebelisi ba motlakase le sechaba  hore lipalo tsa bahlanka ba kenang mosebetsing li tla fokotseha litsing tsohle tsa LEC e le mohato oa ho fokotsa sekhahla sa ho ata h’a COVID19.

Litšebeletso tsohle tse fanoang ke LEC li tla ‘ne li fanoe leha e le hore basebetsi bona ba tla sebetsa ka ho fetolana (rotational shifts). Sena se tla qala ka Labone la la 22/07/2021.

Sechaba se eletsoa ho itlhokomela nakong ena e thata le ho qoba ho tla litsing tsa lišebeletso ha ho khonahala.

Sebakeng sa theko ea motlakase ho ka sebelisoa Mpesa, Ecocash, Khetsi, Libanka le ho reka ho barekisi ba motlakase ba ikemetseng.

Sechaba se tla tsebisoa hang ha ho ka ba le liphetoho

Bakeng sa litlhakisetso, ho ka letsetsoa linomorong tse latelang: 52272256, 52272267, 52272255 le 52272141 le tsa Call Centre ho 521 000 00 le tsa whatsapp ho 62274000.

 

Tsebiso ka lefapha la Likamano le Liphatlalatso

 

La 21 Phupu, 2021

[changelog]

Categories & Tags

Similar Downloads

No related download found!
lec.co.ls